Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 61 - BIBELE


Modimo ke setshabelo sa ka

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.

2 Modimo, ako utlwe sello sa ka, ako mamele thapelo ya ka.

3 Ke ipiletsa ho wena ke le pheletsong tsa lefatshe, pelo ya ka e saretswe. O ntlhwesetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa,

4 hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla mahlong a dira tsa ka.

5 A nke ke dule ka Tempeleng ya hao kamehla, ke tle ke tshabele tlasa mapheo a hao.

6 Wena Modimo, o amohetse dikano tsa ka; ba tshabang lebitso la hao o ba fa seo ba se lakatsang.

7 Ekeletsa kgosi matsatsi a bophelo, dilemo tsa yona di akaretse le meloko e tlang.

8 E ke e dule teroneng kamehla le mehla, e dule kapele ho Modimo; mohau le nnete ya hao di ke di e boloke.

9 Ke moo ke tla roka lebitso la hao kamehla, ha ke ntse ke phetha dikano tsa ka, ke di phetha ka matsatsi wohle.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan