Dipesaleme 60 - BIBELESetjhaba se kopa thuso ntweng 1 Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”. 2 Ke ya mohla Davida a neng a lwana le Baarame ba Naharaime le ba Soba, ha Joabe a kgutlela ho ya hlola Baedomo ba kete tse leshome le metso e mmedi Kgohlong ya Letswai. 3 Modimo, o re lahlile, o re ripitlile; o ne o halefile, empa jwale ako kgutle, o kgutlele ho rona. 4 O reketlisitse lefatshe, wa le petsola; ako thibe mapatso a lona, hobane le a qhehemana. 5 O bontshitse tjhaba sa hao bothata, O re nwesitse jwala bo re tsekedisang. 6 O mokgele ho ba o tshabang, hore ba phonyohe metsu ya sera, 7 baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Re pholose ka letsoho la hao le letona, re pholose, o be o re utlwe. 8 Modimo o buile a le Sehalalelong sa hae, o buile a le ho sona, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto. 9 Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka, Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso. 10 Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa, leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo yona ke tla e hapa, Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse tsa tlholo.” 11 Ke mang ya tla nkisa motseng, motseng wa diqhobosheane? Ke mang ya tla mphihlisa Edomo, 12 ha e le moo wena, Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona? 13 Ako re thusetse direng tsa rona, hobane thuso ya motho ke lefeela. 14 Ka thuso ya Modimo re tla lwana senna, ke yena ya tla hatakela dira tsa rona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa