Dipesaleme 6 - BIBELEThapelo ya motho ya tsietsing 1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele, le ka seletsa se kgwele tse robedi. 2 Oho, Morena, o se ke wa nkotla o nkgalefetse, o se ke wa nkgalemela o le bohale. 3 Nkgauhele Morena, hobane ke feletswe ke matla; mphodise Morena, hobane ke opelwa ke masapo, 4 mme ke sarelwa haholo. Empa wena Morena, o tla dieha ho fihlela neng? 5 Kgutla Morena, o nnamolele, o mpholose ka baka la mohau wa hao. 6 Bafu ba ke ke ba o hopola; ke mang ya ka o tlotlisang Nqalong ya Bafu? 7 Ke kgathetse ke ho nna ke fehelwa; ka masiu wohle ke kolobisa diphate, ke kolobise diphate tsa ka ka meokgo, ke tshela mosamo wa ka ka dikgapha. 8 Mahlo a ka a motela ke maswabi, a fifala ka baka la batubi ba ka. 9 Tlohang ho nna, lona bohle ba kgopo, hobane Morena o utlwile sello sa ka. 10 Morena o utlwile kopo ya ka, Morena o amohetse thapelo ya ka. 11 Dira tsa ka tsohle di tla hlajwa ke dihlong, di tshohe haholo; di tla tjhetjha, di hlajwe ke dihlong hanghang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa