Dipesaleme 59 - BIBELEModimo ke qhobosheane ya ka 1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Saule a neng a rometse batho ho lebela ntlo ya Davida le ho mmolaya. 2 Modimo wa ka, ako nnamolele direng tsa ka, o ntshireletse ho ba ntsohetseng matla. 3 Ako nnamolele ho ba etsang tse kgopo, o mpholose ho ba ratang ho tsholla madi. 4 Ke bao ba matla ba bokane, ba ntaletse, le hoja ke se na molato kapa sebe, Morena. 5 Ba a potlaka, ba itokisetsa nna, le hoja ke sa etsa phoso; tsoha, o nkgahlanyetse, mme o bone. 6 Wena Morena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, tsoha, o otle baditjhaba bohle, o se ke wa hauhela le ya mong, le ya mong wa mahlabaphiyo ao. 7 Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse. 8 Ke bao ba bebera haholo, ka melomong ya bona ho tswa disabole, mme ba re: “Ke mang ya re utlwang?” 9 Empa wena Morena, o a ba tsheha, o soma baditjhaba bohle. 10 Wena o leng matla a ka, ke shebile wena, hobane Modimo ke qhobosheane ya ka. 11 Modimo ya nkgauhelang o tla nthusetsa, Modimo o tla etsa hore ke telle ba ntaletseng. 12 O se ke wa ba bolaya, esere tjhaba sa heso sa lebala; o ba qhale ka matla a hao, o ba dihe, wena Morena, thebe ya rona. 13 Sebe sa bona ke mantswe a bona, mantswe a tswang melomong ya bona; ba tshwaswe ke boikgohomoso ba bona, ka baka la dithohako le wona mashano ao ba a buang. 14 Ba fedise ka kgalefo ya hao; ba fedise, ba se hlole ba eba teng, ba tle ba tsebe hore Modimo o a busa, o busa ntlo ya Jakobo, ho isa dipheletsong tsa lefatshe. 15 Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse, 16 ba shote, ba batle dijo, ba komakome ha ba sa kgore. 17 Ha e le nna ke tla bina, ke rorise matla a hao, e sa le hosasa ke tla bolela, ke bolele tsa mohau wa hao ke di bolele ka mehoo ya thabo, hobane o bile qhobosheane ya ka, o bile setshabelo sa ka mohla tsatsi la matshwenyeho a ka. 18 Wena o leng matla a ka, ke tla o roka, hobane Modimo ke qhobosheane ya ka, ke Modimo ya nkgauhelang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa