Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 58 - BIBELE


Babusi ba kgopo ba otlwe ke Modimo

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”.

2 Lona babusi, na ruri le ahlola ka ho loka? Na le ahlola batho ka toka?

3 Tjhe, ka dipelong tsa lona le rera tse kgopo, lefatsheng le etsa tse sehloho, le di etsa ka matsoho a lona.

4 Ba kgopo ba senyehile ho tloha popelong, ba leshano ba kgelohile ho tloha tswalong ya bona.

5 Mahloko a bona a tshwana le mahloko a noha; ba ithibile ditsebe sa marabe ya manganga,

6 ya sa utlweng lentswe la ya mo weweletsang, la ya mo bobisang ka bohlale ba hae.

7 Oho, Modimo, pshatla meno a bona, a pshatlelle ka mahanong a bona; oho, Morena, motsula meno, meno a mekwetsepe a ditawana.

8 Ba ke ba nyamele sa metsi a phallang, ba ke ba omelle sa jwang bo hataketsweng.

9 Ba ke ba qhididihe sa kgofu ha e ntse e tsamaya, ba be jwaloka sefolotsana, sona se sa boneng letsatsi.

10 Etlare ba eso lemohe a ba fothole sa hlabahlabane, a ba fefole sa lehola ka kgalefo, ka kgalefo ya hae e tukang.

11 Ya lokileng o tla thaba ha a bona phetetso, o tla hlatswa maoto a hae ka madi a ba kgopo.

12 Batho ba tla re: “Ruri, ya lokileng o newa moputso; ruri, Modimo o teng, o ahlola batho lefatsheng.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan