Dipesaleme 57 - BIBELEThapelo ya ho ikopela thuso 1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule. 2 Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele, hobane ke tshabela ho wena. Ke tshabela moriting wa mapheo a hao, ho fihlela koduwa e ba e feta. 3 Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle. 4 A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae. 5 Ke dutse hara ditau tse harolang batho; meno a tsona a ka marumo le metsu, maleme a tsona a ka sabole tse bohale. 6 Modimo, bontsha hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle. 7 Ba tjhehile maoto a ka ka leraba, mme moya wa ka o siame; ba ntjheketse lemena, empa ke bona ba wetseng ka ho lona. 8 Pelo ya ka e matlafetse, Modimo, pelo ya ka e matlafetse; ke tla bina, ke o roke. 9 Tsoha, moya wa ka; tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe. 10 Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe; 11 hobane mohau wa hao o moholo, o fihla mahodimong, le botshepehi ba hao bo fihla marung. 12 Modimo, bontsha hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa