Dipesaleme 56 - BIBELEThapelo ya ho tshepa Modimo 1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa modumo wa “Leeba le difateng tse hole”. Ke ya mohla Bafilesita ba neng ba tshwere Davida motseng wa Gate. 2 Oho, Modimo, ako nkgauhele, hobane batho ba a nkgatakela, ba ntwantshang ba mpatisitse kamehla, 3 Ba ntaletseng ba nkgatakela kamehla, ba bangata ba ntwantshang. 4 Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena. 5 Ke rorisa Modimo, hobane ke a mo tshepa, ke tshepa Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang? 6 Ba sotha dipuo tsa ka kamehla, merero yohle ya bona e ntswalla bobe. 7 Ba a bokana, ba ipatele nna, ba lalle metsamao ya ka, ba ntse ba tsoma bophelo ba ka. 8 Na ba ka phonyoha ka baka la bokgopo ba bona? Oho, Modimo, ako dihe baditjhaba, o ba dihe ka kgalefo ya hao. 9 O tseba ho lelera ha ka, o kgakeleditse meokgo ya ka, o e kgakeleditse ka lefiswana; na tsee ha di a ngolwa bukeng ya hao? 10 Ha ke ipiletsa ho wena, dira tsa ka di tla tjhetjha. Ke a tseba hore Modimo o na le nna. 11 Ke rorisa Modimo hobane ke a mo tshepa, ke rorisa Morena hobane ke a mo tshepa. 12 Ke tshepile Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang? 13 Modimo, dikano tsa ka ho wena di ntlamile; ke tla o nyehella ka mahlabelo a teboho, 14 hobane o mpholositse lefung, o phemisitse maoto a ka, wa a phemisa ho kgopjwa, ke tle ke tsamaye pontsheng ya Modimo, seding la ba phelang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa