Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 55 - BIBELE


Thapelo ya ho ikopela thuso

1 Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.

2 Oho, Modimo, ako sekehe tsebe, o sekehele thapelo ya ka tsebe, o se ke wa furalla thapedi ya ka.

3 Ako mmamele, o be o nkarabe: Ke tsielehile, ke sisa pelo, ke a fehelwa,

4 ka baka la ho hlodiuwa ke dira tsa ka, le ka baka la ho hlapaolwa ke ba kgopo. Ba nneta ka bokgopo, ba ntlhorisa ba halefile.

5 Pelo ya ka e uba habohloko, matswalo a lefu a mpupeditse.

6 Ke kenwe ke letswalo, ke a thothomela, ke aparetswe ke tshabo.

7 Ke bile ka re: “Ke mang ya tla mpha mapheo, mapheo a kang a leeba, ke tle ke fofe, ke yo phomola?”

8 E, nka be ke baleha, ke eya hole, ke ilo iphelela lehwatateng.

9 Ke ne ke tla potlakela ho ya fumana tshireletso meyeng ya ditsokotsane le ya difefo.

10 Morena, lobokanya merero ya ba kgopo, o ferekanye maleme a bona, hobane nna ke bona sehloho, ke bona le diqabang motseng;

11 di solla hodima marako a motse, di solla teng motsheare le bosiu, bokgopo le bobe di kahara wona.

12 Hara wona ke timelo feela, bomenemene le mano di ke ke tsa sutha mabaleng a wona.

13 Hoja ke sera se ntlhapaolang, ke ne ke tla mamella; hoja ya ntlhoileng ke yena ya ikgantshetsang nna, ke ne ke tla ipatela yena.

14 Empa ke wena ya nkentseng jwalo, wena o leng molekane wa Ka, le thaka ka, le motswalle wa ka;

15 wena eo re neng re buisana hamonate, re le sehlopheng se yang tlung ya Modimo.

16 Lefu le ke le ba kgaoletse, ba ke ba theohele Nqalong ya Bafu, ba theohele ba ntse ba phela, hobane ba ahisane le bokgopo, mme bo hara bona.

17 Empa nna ke tla ipiletsa ho Modimo, mme Morena o tla mpholosa.

18 Hoseng, motsheare le mantsiboya, ke sisa pelo, ke a fehelwa, mme o utlwa lentswe la ka.

19 O mpholositse ntweng, a mpha kgotso, leha ba mphutuhetseng ba ne ba le bangata.

20 Modimo o tla utlwa, a ba kokobetse, yena eo esaleng a ituletse teroneng ya hae; hobane ha ba sokolohe, ha ba tshabe Modimo.

21 Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae.

22 Leleme la hae le ne le le monate, empa bora bo ne bo le teng, bo le teng ka pelong ya hae. Mantswe a hae a ne a thoba hamonate, empa e ne e le disabole tse hlabang.

23 Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.

24 Wena Modimo, o tla ba dihela, o tla ba dihela mohohlong wa timelo, batho bao ba ratang ho tsholla madi, ba ratang le ho thetsa; ba ke ke ba phela leha e le halofo ya ditshiu tsa motho. Empa nna ke tshepile wena.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan