Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 53 - BIBELE


Bokgopo ba batho
(Sheba Pes. 14 )

1 Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo.

2 Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.

3 Modimo, a le mahodimong, o tadima bana ba batho, ho bona hore na ho teng ya utlwisisang, ya batlang Modimo.

4 Bohle ba kgelohile, ba senyehile kaofela; ha ho ya etsang tse ntle, ha ho le ya mong.

5 Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Modimo?

6 Jwale ba tla tshoha haholo, ba tshohe kantle ho lebaka, hobane Modimo o tla qhalanya masapo, masapo a ba neng ba o thibeletse. O tla ba hlabisa dihlong, mohla Modimo a ba lahlang.

7 E se eka pholoho ya Iseraele e ka tswa Sione! Mohla Modimo a kgutlisang setjhaba sa hae, a se kgutlisa bothopuweng, Jakobo o tla nyakalla, Iseraele le yena a thabe.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan