Dipesaleme 52 - BIBELEModimo o ahlola ya sehloho 1 Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto; 2 ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke. 3 O ithorisetsang ka bobe, wena ya sehloho? Tseba, mohau wa Modimo ke wa kamehla yohle. 4 O ntse o rera ho timetsa ba bang, leleme la hao le ka lehare le bohale, wena ya etsang bolotsana. 5 O rata bobe ho ena le botle, le leshano ho ena le nnete. 6 O rata dipuo tse timetsang, wena ya leleme le thetsang! 7 Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang. 8 Ba lokileng ba tla bona tsena, mme ba tshabe; ba tla mo tsheha, ba re: 9 “Bonang motho ya sa etsang Modimo tshabelo sa hae, ya itshepetseng bongata ba maruo a hae, ya entseng bokgopo setshabelo sa hae.” 10 Empa nna, ka tlung ya Modimo, ke jwaloka sefate sa mohlwaare, fate se setalana; ke tshepa mohau wa Modimo, ke o tshepa kamehla le mehla. 11 Ke tla o boka kamehla ka seo o se entseng, ke tlotlise bitso la hao ke le hara batshepuwa ba hao, hobane wena o molemo. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa