Dipesaleme 50 - BIBELEBorapedi ba nnete 1 Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela. 2 Modimo o kganya a le Sione, motseng o motlemotle. 3 Modimo wa rona o a tla, a ke ke a hlola a kgutsa. Kepele ho yena ke mollo, mollo o tjhesang lore! Sefefo se matla se mo teetse hare. 4 O bitsa mahodimo le lefatshe ho tla kahlolong ya setjhaba sa hae. 5 O re: “Bokellang batshepuwa ba ka, le ba bokelle kapele ho nna, e leng ba entseng selekane le nna ba se entseng ka mahlabelo.” 6 Mahodimo a bolela ho loka ha hae, kaha Modimo ke yena moahlodi. 7 “Mamelang, lona setjhaba sa ka, mme ke tla bua; wena Iseraele, ke tla o qosa. Ke nna Modimo, Modimo wa hao. 8 Ha ke o nyatsetse mahlabelo a hao, hobane ha o kgaotse ho nnyehella ka ditjheso. 9 Nke ke ka amohela poho ya saka la hao, leha e le phooko ya mohlape wa hao; 10 hobane dibatana tsohle tsa meru ke tsa ka, le tsona diphoofolo tse diketekete dithabeng. 11 Ke tseba dinonyana tsohle tse sepakapakeng, le dinyamatsane tsohle tsa naha ke tsa ka. 12 Hoja ke ne ke lapile, ke ne ke sa tlo o bolella, hobane lefatshe ke la ka, le tsohle tse ho lona. 13 Na ke ja nama ya dipoho? Kapa ke nwa madi a diphooko? 14 Nyehella Modimo ka sehlabelo sa teboho, phetha dikano tsa hao ho Ya Hodimodimo. 15 Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.” 16 Empa ho ya kgopo Modimo o re: “O na le tokelo efe ya ho bolela melao ya ka, kapa ho boledisa selekane sa ka, o se boledisa ka molomo wa hao, 17 athe o hloile ho kgalemelwa, o lahlile mantswe a ka ho hang? 18 Ha o bona leshodu, o so kgema le lona; o motswalle wa difebe. 19 O dumella molomo wa hao ho bua tse mpe, leleme la hao le loha mano. 20 O duletse ho bua ngwaneno hampe; o silafatsa ngwana mmao. 21 Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao. 22 “Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang. 23 Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa