Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 5 - BIBELE


Thapelo ya hoseng

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo.

2 Oho, Morena, ako sekehele mantswe a ka tsebe, o mamele mefehelo ya ka.

3 Wena kgosi ya ka le Modimo wa ka, ako utlwe ha ke llela thuso. Ke rapela wena Morena,

4 hoseng o utlwa sello sa ka; hoseng ke lokisa sehlabelo, mme ke lebella karabelo ya hao.

5 O Modimo ya sa thabeleng bokgopo; motho e mobe o ke ke wa mo amohela.

6 Baikgohomosi ba ke ke ba ema pela sefahleho sa hao; o hloile bohle ba etsang tse sa lokang.

7 O timetsa ba leshano; Morena o nyonya babolai le bathetsi.

8 Empa nna nka kena tlung ya hao, ka baka la boholo ba mohau wa hao. Ke tla o kgumamela ka tshabo, ka Tempeleng ya hao e halalelang.

9 Morena, ako ntataise ka ho loka ha hao, ka baka la dira tsa ka tse ntaletseng. Batalatsa tsela ya hao kapele ho nna.

10 Melomong ya dira tsa ka ha ho nnete e tswang, dipelong tsa tsona di rera ho timetsa, mmetso ya tsona ke lebitla le ahlameng, maleme a tsona a monate.

11 Modimo, di ahlolele molato wa tsona, di we ka baka la merero ya tsona. Di leleke ka baka la ditlolo tsa tsona tse ngata, hobane di o teletse.

12 Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele.

13 Ke wena Morena, ya hlohonolofatsang ya lokileng, o mo sireletsa ka mohau wa hao jwalokaha eka ke thebe.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan