Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 49 - BIBELE


Bothoto ba ho tshepa maruo

1 Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Mamelang, lona ditjhaba tsohle; sekehang tsebe, lona baahi bohle ba lefatshe,

3 lona bafo le lona marena, lona barui le mafutsana hammoho.

4 Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale, pelong ya ka ke tla nahana tse nang le kelello.

5 Ke tla sekehela maele tsebe, ke tla hlalosa selotho sa ka ke ntse ke letsa harepa.

6 Nka tshoha eng nakong tse mpe, ha ke teetswe hare ke dira tse kgopo,

7 e leng batho ba tshepileng matlotlo a bona, ba ithorisang ka maruo a bona a mangata?

8 Ha ho motho ya ka lopollang ngwanabo, leha e le ho mo lefella ho Modimo.

9 Tefello ya bophelo ba motho e feta matla a hae, a ke ke a e lekana le ka mohla!

10 Motho a ke ke a phela hoyahoile, a se ke a tseba lebitla.

11 O tla fela a bone hore le ba bohlale ba a shwa, sethoto le lewatla ba timela ka ho tshwana, ba siele ba bang matlotlo a bona.

12 Mabitla a bona ke matlo a bona a mehla yohle, ke leaho la bona ho isa melokong yohle, le hoja dinaha di reeletswe ka bona.

13 Motho ya phelelang leruo o hloka kelello, o tshwana le diphoofolo tse shwang.

14 Ena ke yona tsela ya ba itshepileng, ke pheletso ya ba kgotsofetseng, ba kgotsofaletseng matlotlo a bona.

15 Ba kgannelwa Nqalong ya Bafu jwaloka dinku; lefu e tla ba modisa wa bona. Ba tla theohela lebitleng, sebopeho sa bona se tla senyeha; Nqalo ya Bafu e tla ba leaho la bona.

16 Empa Modimo o tla ntopolla, a nntshe diatleng tsa lefu.

17 O se ke wa tshoha leha motho a ka rua, mme matlotlo a ntlo ya hae a eketseha;

18 hobane mohla a shwang a ke ke a nka letho, matlotlo a hae a ke ke a mo sala morao.

19 Le hoja ha a sa phela, a ne a ikuka a le lehlohonolo, kapa a ne a rorisetswa katleho ya hae,

20 o tla be a yo fihla molokong wa bo-ntatae, ba ke keng ba hlola ba bona lesedi.

21 Motho ya phelelang leruo o hloka kelello, o tshwana le diphoofolo tse shwang.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan