Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 48 - BIBELE


Sione ke motse wa Modimo

1 Pesalema ya bara ba Kora. Sefela.

2 Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e a halalelang.

3 Thaba ya Sione e a kgahleha, e kgahleha ka bophahamo ba yona, e thabisa lefatshe lohle; e ka leboya ho motse wa Kgosi e kgolo.

4 Modimo o teng matlung a bokgosi, matlung a bokgosi a motse oo, yena o tsejwa e le qhobosheane.

5 Bonang, dikgosi di ile tsa kopana, tsa o futuhela di le mmoho.

6 Tsa o bona, mme tsa hlollwa; tsa ferekana, mme tsa baleha.

7 Tsa tshwarwa ke thothomelo, ya di tshwara hona moo, le bohloko bo kang ba pelehi;

8 jwalokaha moya wa botjhabela o pshatlakanya dikepe, kepe tsa Tarashishe.

9 Seo re se utlwileng re bile re se bone motseng wa Morena wa mabotho, motseng wa Modimo wa rona, oo Modimo a o tiisitseng ka ho sa feleng.

10 Modimo, re hopola mohau wa hao re le ka Tempeleng ya hao.

11 Jwaloka lebitso la hao Modimo, thoriso ya hao e fihla jwalo, e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe. Tsoho la hao le letona le tletse toka.

12 Thaba ya Sione e ke e thabe; metse ya Juda e ke e nyakalle ka baka la kahlolo tsa hao.

13 Potapotang Sione, le e potolohe, balang ditora tsa yona;

14 elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re:

15 “Enwa ke Modimo, ke Modimo wa rona kamehla le mehla, o tla re tsamaisa.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan