Dipesaleme 47 - BIBELEModimo o busa lefatshe lohle 1 Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. 2 Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo. 3 Morena ya hodimodimo o a tshabeha; ke yena kgosi e kgolo, kgosi ya lefatshe lohle. 4 O bea ditjhaba tlasa puso ya rona, merabe katlasa maoto a rona. 5 O re kgethela lefa la rona, bokgabane ba Jakobo eo a mo ratileng. 6 Modimo o nyolohile ka mehoo ya thabo, Morena o nyolohile ka modumo, ka modumo wa terompeta. 7 Rokang Modimo, mo rokeng; rokang kgosi ya rona, e rokeng. 8 Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle, mo rokeng ka bokgeleke. 9 Modimo o rena hodima ditjhaba, Modimo o dutse teroneng, teroneng ya hae e halalelang. 10 Mahosana a ditjhaba a bokane hammoho, hore e be setjhaba sa Modimo wa Aborahama; hobane babusi ba lefatshe ke ba Modimo, mme yena o kahodimodimo ho bohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa