Dipesaleme 45 - BIBELEPina ya lenyalo la kgosi 1 Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”. 2 Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha. 3 O motle ho feta bana bohle ba batho, molomo wa hao o a kgahleha, hobane Modimo o o hlohonolofatsa kamehla. 4 Wena mohale, tlamella sabole ya hao qholong; ka hlompho le ka botlotlehi ba hao, 5 palama, o hlole, o lwanele nnete, le boikokobetso, le ho loka. Tsoho la hao le letona le o etsetse diketso tse makatsang. 6 Metsu ya hao e leotsehile, ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao, dira tsa kgosi di tla nyahama pelo. 7 Terone ya hao, Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso ke lere la toko. 8 O rata ho loka, o hloile bokgopo. Kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane ba hao; 9 aparo tsa hao tsohle di nonoditswe ka mmira, le ka lekgala, le ka sente. Matlung a kgabisitsweng ka manaka a tlou ho utlwahala harepa tse o thabisang. 10 Kgosatsana di teng hara mafumahatsana, mafumahatsana a hao a lomphehang; mofumahadi o eme tsohong la hao le letona, o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire. 11 Mamela, morwetsana; bona, o sekehe tsebe; tela tjhaba sa heno le lapa leno, 12 hore kgosi e tle e tjhatjhehele botle, e tjhatjhehele botle ba hao haholo. Kahobane ke yona monga hao, o itihe maotong a yona. 13 Ba motse wa Tire ba tla o nyehella ka dimpho, barui ba baditjhaba ba tla batla thuso ya hao. 14 Kgosatsana e kena e le Seilatsatsi, aparo tsa yona di homilwe ka kgauta; 15 e iswa ho kgosi e apere tse mahadihadi. Baetsana ba barwetsana ba tliswa ho kgosi. 16 Ba tliswa ka thabo le nyakallo, ba kena ka tlung ya kgosi. 17 Tulong tsa bo-ntatao ho tla dula bara ba hao, o tla ba bea mahosana naheng yohle. 18 Ke tla etsa hore bitso la hao le hopolwe ke meloko yohle; ka baka leo, tjhaba di tla o boka, di o boke kamehla le mehla. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa