Dipesaleme 41 - BIBELEThapelo ya mokudi 1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. 2 Ho lehlohonolo ya hlokomelang mofutsana; Morena o tla mo lopolla, a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi. 3 Morena o tla mo sireletsa, a mo phedise hamonate lefatsheng; a ke ke a tlohella dira tsa hae ho etsa borata ka yena. 4 Morena o tla mo thusa diphateng tsa lefu, a nne a fetole diphate tsa hae, a di fetole ha a ntse a kula. 5 Ha e le nna ke ile ka re: “Morena, nkgauhele, mphodise hobane ke o sitetswe.” 6 Dira tsa ka di tla mpua hampe, di re: “O tla shwa neng, lebitso la hae le tswe le fela?” 7 Ha motho a tlilo mpona, o bua mafeela, pelo ya hae e rwalla tse mpe, tseo etlare hoba a tswe, a tsamaye a di hasanya. 8 Bohle ba ntlhoileng ba bokanela ho ntsheba, ba ntherela bomadimabe. 9 Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe, o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.” 10 Esita le motswalle wa hlooho ya kgomo, eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe. 11 Empa wena Morena, ako nkgauhele, o ntsose, ke tle ke ba buseletse. 12 Ka hona ke tla tseba hore o kgahlwa ke nna, ha sera sa ka se se se sa ithorisetse nna. 13 O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla. 14 Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Amen. Amen. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa