Dipesaleme 4 - BIBELEThapelo ya mantsiboya 1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. 2 Oho, Modimo, mosireletsi wa ditokelo tsa ka, ako nkarabe ha ke ipiletsa ho wena. O ntokolotse matshwenyehong a ka; nkgauhele, o mamele thapelo ya ka. 3 Lona batho ting! le tla ntlontlolla ho fihlela neng, le rate mafeela, le mathele mashano? 4 Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena. 5 Tshabang Modimo, le se hlole le etsa sebe; tholang, mme le thuise tsena ka dipelong, le di thuise ha le le diphateng. 6 Nyehelang ka mahlabelo ka mokgwa o lokelang, le nyehele ka wona, le tshepe Morena. 7 Ba bangata ba re: “Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang?” Oho, Morena, re phuthollele sefahleho sa hao. 8 O thabisitse pelo ya ka ho feta mohla batho ba atetsweng ke koro le veine. 9 Ke tla ithoballa ka kgotso, ke kgalehe hanghang, hobane Morena ke wena feela, ke wena feela ya ntshireletsang kahohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa