Dipesaleme 38 - BIBELEMoetsadibe o ipiletsa ho Modimo 1 Pesalema ya Davida, ya kgopotso. 2 Oho, Morena, o se ke wa nkotla o nkgalefetse, o se ke wa nkgalemela o le bohale. 3 Metsu ya hao e ntlhabile, letsoho la hao le nkotlile habohloko. 4 Ha ho moo ho seng bohloko mmeleng wa ka, ka baka la kgalefo ya hao; ha ho bophelo masapong a ka, ka baka la sebe sa ka. 5 Melato ya ka e mpupeditse hlooho, e nkimela jwaloka mojaro o boima. 6 Maqeba a ka a a nkga, a phephetha boladu, ka baka la bothoto ba ka. 7 Ke kotlobane, ke a kgokgoba, ke tsamaya tsatsi lohle ke hlomohile. 8 Letheka la ka le a futha, ha ho moo ho seng bohloko mmeleng wa ka. 9 Ke a fokola, ke robehile ditho, ke dumaela ka baka la ho hlora ha pelo ya ka. 10 Morena, o tseba tsohle tseo ke di lakatsang, ho fehelwa ha ka ha ho a pateha ho wena. 11 Pelo ya ka e otla habohloko, ke feletswe ke matla; mahlo a ka a fifetse. 12 Metswalle le balekane ba ka ba emeletse thoko le bohloko ba ka, baheso ba emeletse hole le nna. 13 Ba batlang bophelo ba ka, ba ntjhehile ka maraba, ba ntakaletsang bomadimabe, ba ntherela timelo, tsatsi lohle ba ntohela mano. 14 Empa nna ke jwaloka tsebetutu, ha ke utlwe; ke jwaloka semumu, ha ke bue. 15 Nna ke jwaloka motho ya sa utlweng ditsebeng, eo molomong wa hae ho seng dikgang. 16 Morena, ke tshepile wena; ke wena ya tla nkaraba, Morena Modimo wa ka, 17 ha ke re: “Ba se ke ba ithabisa ka nna, ba ithorisa ha leoto la ka le thella.” 18 Ke lekgatheng la ho wa, ke utlwa bohloko kamehla. 19 Ke bolela molato wa ka, ke swabela sebe sa ka. 20 Ba itshemmeng bora ho nna ba matla, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba ngatafetse, 21 e leng ba mpuseletsang botle ka bobe, ba nqosang hobane ke latela botle. 22 Morena, o se ke wa ntahla; Modimo wa ka, se be hole le nna. 23 Phakisa o nthuse, Morena, wena mopholosi wa ka. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa