Dipesaleme 37 - BIBELEMoputso le kahlolo 1 Pesalema ya Davida. O se ke wa itlhonamisa ka ba etsang bokgopo, o se ke wa honohela ba etsang tse sa lokang. 2 Ba tla omella kapele jwaloka jwang, ba tla pona jwaloka ditlama, ditlama tse talana. 3 Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso. 4 Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao. 5 Ipee matsohong a Morena; o mo tshepe, ho tla sebetsa yena. 6 O tla etsa hore ho loka ha hao ho kganye, ho kganye jwaloka lesedi, le ditokelo tsa hao di kganye jwaloka letsatsi, motsheare o moholo. 7 Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo. 8 Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale; o se ke wa itlhonamisa, esere wa etsa bobe. 9 Ba etsang bokgopo ba tla fediswa; empa ba tshepang Morena lefatshe e tla ba lefa la bona. 10 Ho se ho se hokae: Ya kgopo o tla be a nyametse; leha o tadima tulong tsa hae, o tla be a le siyo. 11 Ba ikokobetsang, lefatshe e tla ba lefa la bona, ba thabele kgotso e phethehileng. 12 Ya kgopo o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno; 13 empa Morena o tsheha ya kgopo, hobane o bona hore tsatsi la hae le a tla. 14 Ba kgopo ba tsomula sabole tsa bona, ba hula diqha tsa bona, ho fula bahlophehi le mafutsana, ho bolaya ba metsamao e metle. 15 Sabole tsa bona di tla ba hlaba dipelo, diqha tsa bona di tla robeha. 16 Sejosenyane sa ya lokileng se molemo ho ena le kgora ya ya kgopo; 17 hobane matla a ya kgopo a tla fediswa, athe Morena o tshehetsa ya lokileng. 18 Morena o tseba ditshiu tsa ba hlokang kodi, lefa la bona e tla ba le sa feleng. 19 Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora. 20 Empa ba kgopo ba tla timela; bao e leng dira tsa Morena ba tla fela jwaloka botle ba makgulo, ba nyamele jwaloka mosi. 21 Ya kgopo o a adima, empa ha a busetse; ya lokileng o na le mohau, o a fana. 22 Bao Morena a ba hlohonolofaditseng lefatshe e tla ba lefa la bona; bao a ba rohakileng ba tla fediswa. 23 Morena ke yena ya tiisang mehato ya batho, mme o kgahlwa ke metsamao ya bona. 24 Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri, hobane Morena o ba nenesa ka letsoho. 25 Nkile ka ba motjha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe, le ditloholo tsa hae di kopa bohobe. 26 Kamehla ya lokileng o mohau, o a adimana, mme ditloholo tsa hae ke tlhohonolofatso. 27 Furalla bobe, o etse botle, o tle o be le leaho kamehla. 28 Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa. 29 Ba lokileng lefatshe e tla ba lefa la bona, ba phele ho lona kamehla le mehla. 30 Molomo wa ya lokileng o bolela tsa bohlale, leleme la hae le bua tsa ho loka. 31 Molao wa Modimo wa hae o ka pelong ya hae, maoto a hae ha a thelle. 32 Ya kgopo o laletse ya lokileng, o batla ho mmolaya. 33 Morena a ke ke a mo tlohella matsohong a eo, Morena a ke ke a dumela hore a ahlolwe, a fumanwe a le molato, ha a qoswa. 34 Tshepa Morena, o tiye tseleng ya hae; o tla o phahamisa, lefatshe e tle e be lefa la hao, mme o bone ba kgopo ha ba fediswa. 35 Ke bone motho ya kgopo, motho wa mohatelli, a atleha sa fate sa leholela; 36 ka boela ka feta, ka bona a se a le siyo; ka mmatla, a se ke a hlola a fumanwa. 37 Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo; 38 empa baetsadibe ba tla timetswa ho hang, le ditloholo tsa ba kgopo di tla fediswa. 39 Pholoho ya ba lokileng e tswa ho Morena, ke yena setshabelo sa bona nakong ya tlokotsi. 40 Morena o a ba thusa, o a ba lopolla; o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo, a ba pholose, hobane ba tshabetse ho yena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa