Dipesaleme 36 - BIBELEBokgopo ba batho le mohau wa Modimo 1 Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. 2 Ya kgopo o laolwa ke sebe, sebe se botebong ba pelo ya hae; ho tshaba Modimo ha ho yo ho yena. 3 Mehopolong ya hae o a ithetsa hoo a sa boneng sebe sa hae, hoo a sa se hloyeng. 4 Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle. 5 O rera bokgopo a ntse a le phateng tsa hae, o tsamaya tseleng e sa lokang, ha a kgese bobe. 6 Morena, mohau wa hao o fihla mahodimong, botshepehi ba hao bo fihla marung, 7 ho loka ha hao ho jwaloka thaba tse telele, dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba, bodiba bo tebileng: Morena, o pholosa motho le yona phoofolo. 8 Modimo, mohau wa hao ke wa bohlokwa hakaakang! Bana ba batho ba tshabela moriting, moriting wa mapheo a hao. 9 Ba kgora manoni a ntlo ya hao; o ba nwesa nokaneng ya menate ya hao. 10 Sediba sa bophelo se ho wena, mme ka sedi la hao re bona lesedi. 11 O nne o be mohau ho ba o tsebang, o nne o sitse ba pelo di ntle ka ho loka ha hao. 12 Moikgohomosi a se bee leoto pela ka, letsoho la ya kgopo le se nteleke. 13 Ba etsang bokgopo ke bao, ba wele! Ba dihetswe fatshe, ba ke ke ba hlola ba tsoha. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa