Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 30 - BIBELE


Teboho ya ho pholoswa lefung

1 Pesalema ya Davida. Sefela sa ho kgakola tempele.

2 Ke a o tumisa, Morena, hobane o mpholositse; ha o a ka wa tlohela dira tsa ka ho ithabisa ka nna.

3 Morena Modimo wa ka, ka ipiletsa, ka ipiletsa ho wena, mme wa mphodisa.

4 Morena, o nnyolotse Nqalong ya Bafu, wa nkgutlisa ho ba neng ba theohela lebitleng.

5 Rokang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae, le boke lebitso la hae le halalelang.

6 Kgalefo ya hae ke ya motsotswana feela, lerato la hae ke la bophelo bohle ba motho. Leha nka robala ka meokgo, ha bo esa e se e le nyakallo.

7 Ha ke ne ke sa iketlile, ka na ka re: “Nke ke ka sisinngwa le ka mohla!”

8 Morena, ka mohau wa hao o ntshireleditse qhobosheaneng; yare ha o mpatela fahleho sa hao, ka tshoha haholo.

9 Ka ipiletsa ho wena Morena, ka etsa thapedi ho Morena, ka re:

10 “O ka ruang ka madi a ka, le ka ho theohela ha ka lebitleng? Na bafu ba ka o boka, kapa ba bolela botshepehi ba hao?

11 Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!”

12 Bofifi ba ka o bo fetotse mohobelo; o ntlhobodisitse thapo, wa nkapesa seaparo sa thabo,

13 e le hore moya wa ka o tle o o roke o sa kgaotse; Morena Modimo wa ka, ke tla o boka kamehla le mehla.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan