Dipesaleme 3 - BIBELEThapelo ya hoseng 1 Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome. 2 Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla, 3 ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.” 4 Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota. 5 Ha ke ipiletsa ho Morena, o nkaraba a le thabeng ya hae e halalelang. 6 Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe, ke be ke itsohele, hobane Morena o na le nna. 7 Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle. 8 Thusa, Morena! O mpholose, Modimo wa ka, wena ya jabelang dira tsa ka tsohle marameng, ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo. 9 Pholoho e tswa ho Morena. Tlhohonolofatso ya hao e ke e be hodima setjhaba sa hao. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa