Dipesaleme 28 - BIBELEThapelo ya ho ikopela thuso 1 Pesalema ya Davida. Ke ipiletsa ho wena Morena; Lefika la ka, ntshekehele tsebe, esere ha o sa mmamele, ka ba jwaloka ba theohelang, ba theohelang lebitleng. 2 Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. 3 Se nkahlole le ba kgopo, ba etsang tse sa lokang, ba buisanang le batho ka kgotso, empa pelo tsa bona di tletse bobe. 4 Ba putse ho ya ka mesebetsi ya bona, ho ya ka bobe ba diketso tsa bona; ba putse ho ya ka mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a bona, o ba nee tse ba lokelang. 5 Kaha ba sa natse diketso tsa Morena, le ho tsotella mesebetsi, Mesebetsi ya matsoho a hae, o tla ba tamolla, a ba timetse. 6 Ho bokwe Morena, hobane o utlwile thapedi ya ka. 7 Morena ke matla a ka le thebe ya ka; pelo ya ka e mo tshepile, mme o nthusitse; pelo ya ka e nyakaletse, ke mmoka ka dipina. 8 Morena ke matla a setjhaba sa hae, ke setshabelo se pholosang, setshabelo sa Motlotsuwa wa hae. 9 Pholosa setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao; o se fepe, o se pepe kamehla le mehla. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa