Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 27 - BIBELE


Ho tshepa Modimo

1 Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang?

2 Ha ba etsang bobe ba ntwantsha ho mpolaya, dira tseo tsa ka le bao ba ntlhoileng ba a kgothometseha, ba we.

3 Leha nka dikanelwa ke mara, nke ke ka tshoha letho; esita leha nka futuhelwa, le teng ke tla nne ke be le tshepo.

4 Ntho e le nngwe feela eo ke e kopang, eo ke e batlang ho Morena, ke hore ke phele ka tlung ya Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Morena, ke bo nahanisise ke le ka Tempeleng ya hae.

5 Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa, a ntshireletse motlotlwaneng wa hae, a mpate motsheo ho tente ya hae, a ntlhwesetse hodima lefika la pholoho.

6 Jwale ke tla phahamela dira tsa ka tse ntikileng, ke tla etsa mohoo wa thabo ha ke nyehela, ha ke nyehela ka mahlabelo ka tenteng ya hae, ke bine, ke roke Morena.

7 Ako nkutlwe, Morena, ha ke ipiletsa ho wena; o nkgauhele, o nkarabe.

8 Pelo ya ka e lohotha wena, e re: “Batla fahleho sa hae.” Ruri ke batla fahleho sa hao, wena Morena.

9 O se mpatele fahleho sa hao; o se halefele mohlanka wa hao, wa mo leleka. Ke wena mothusi wa ka, o se ke wa ntebela; o se ke wa ntahla Modimo, mopholosi wa ka.

10 Leha ntate le mme ba ka ntahla, Morena o tla nthola.

11 Mpontshe tsela ya hao Morena, o ntsamaise mmileng o bataletseng, ka baka la ba ntaletseng.

12 Se tlohele dira tsa ka ho etsa borata ka nna, hobane paki tsa bohata di eme lepaketla di a nqosa, di bile di a ntshokela.

13 Ruri Morena o tla ntswela molemo, a ntswele molemo lefatsheng la ba phelang.

14 Lebella Morena, o be sebete; tiya pelo, o lebelle Morena.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan