Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 25 - BIBELE


Thapelo ya ho ikopela tshireletso

1 Pesalema ya Davida. Morena ke o rapela ka moya wa ka wohle,

2 ke rapela wena Modimo wa ka. Ke o tshepile, ke se ke ka hlajwa ke dihlong; dira tsa ka di se ke tsa ntsheha.

3 Bohle ba o tshepang ha ba hlajwe ke dihlong, dihlong di hlaba ba sa tshepahaleng.

4 Morena, mpontshe ditsela tsa hao, o nthute mehlala ya hao.

5 Ntsamaise nneteng ya hao, o nthute yona, hobane wena o Modimo ya mpholosang; ke o lebeletse ka matsatsi wohle, ka baka la molemo wa hao Morena.

6 Morena, hopola lerato le mohau wa hao, hobane esale o le teng ho tloha kgale.

7 Nteballe dibe le ditlolo tsa botjha ba ka, nkgopole ka mohau wa hao.

8 Morena o molemo, o lokile; kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.

9 Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng, o ruta ba eisehang tsela ya hae.

10 Ditsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le botshepehi, ho ba bolokang selekane sa hae, le ho ba bolokang ditemoso tsa hae.

11 Ka baka la lebitso la hao Morena, ntshwarele molato wa ka, hobane o moholo.

12 Haeba ho teng ya tshabang Morena, Morena o tla mmontsha tsela, tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.

13 Eo o tla phela ka boiketlo, lefatshe e tla ba lefa la ditloholo tsa hae.

14 Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.

15 Mahlo a ka a tadimile Morena kamehla, hobane ke yena ya tshwasollang maoto a ka lerabeng.

16 Retelehela ho nna, o nkgauhele, hobane ke nnotshi, mme ke hlophehile.

17 Fedisa matshwenyeho a pelo ya ka, o nntshe makaqabetsing a ka.

18 Tadima ho hlopheha ha ka le tsietsi ya ka, mme o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.

19 Bona kamoo dira tsa ka di leng ngata kateng, le kamoo di ntlhoileng hampe kateng.

20 Ako baballe bophelo ba ka, o nnamolele, ke se ke ka hlajwa ke dihlong, kaha ke tshabela ho wena.

21 Ako ntshireletse hobane ke hloka kodi, ke lokile; hobane ke o lebeletse, Morena.

22 Modimo, ako lopolle Iseraele, o mo lopolle matshwenyehong a hae wohle.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan