Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 24 - BIBELE


Morena o kena Sione

1 Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.

2 Ke yena ya le theileng hodima mawatle, a le tiisa hodima madiba.

3 Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Morena? Ke mang ya ka emang Sehalalelong sa hae?

4 Ke ya matsoho a hlokang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa lakatseng mafeela, ya sa hlapanyetseng leshano.

5 O tla fumana lehlohonolo ho Morena, le ho loka ho Modimo, mopholosi wa hae.

6 O jwalo moloko wa ba batlang Modimo, ba ratang ho bona fahleho sa hao, wena Modimo wa Jakobo.

7 Lona menyako, bulehang! Ipuleng, lona menyako ya boholoholo, ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

8 Kgosi eo e tlotlehang ke mang? Ke Morena ya matla, wa mohale, Morena eo e leng mohale ntweng.

9 Lona menyako, bulehang! Ipuleng, lona menyako ya boholoholo, ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

10 Kgosi eo e tlotlehang ke mang? Ke Morena wa mabotho, ke yena Kgosi e tlotlehang.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan