Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 22 - BIBELE


Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.

2 Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O hole le ho mpholosa, ha o utlwe ho dumaela ha ka.

3 Modimo wa ka, ke ipiletsa le motsheare, empa ha o nkarabe; ke howa le bosiu, ha ke kgutse.

4 Athe wena o a halelela, wena eo Iseraele a o binelang dithoko.

5 Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa; ba o tshepa, mme wa ba namolela.

6 Ba nnile ba o llela, mme ba phonyoha; ba o tshepa, mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.

7 Empa nna ke seboko, ha ke motho; ke sekgobo ho bohle, ke nyediswa ke setjhaba.

8 Bohle ba mponang ba a ntshoma, ba nnyekoletsa melomo, ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:

9 “O tshepile Morena! A ke a mo lopolle, a mo pholose haeba a mo rata!”

10 Athe ke wena ya nntshitseng popelong ya mme, wa etsa hore mme a ntshike sefubeng sa hae;

11 ke abetswe wena ho tloha tswalong ya ka, o bile Modimo wa ka ke sa le popelong ya mme.

12 Se be hole le nna, hobane matshwenyeho a haufi, mme ha ho ya ka nthusang.

13 Dipohwana tse ngata di ntikile, dipoho tsa ditonana tsa Bashane di mpokanetse;

14 dira di mpetletse meno, jwaloka tau tse purumang, tse harolang.

15 Ke jwaloka metsi a tsholohang, masapo a ka a tswenehile; pelo ya ka e jwaloka tshotso, e qhibidiha ka sefubeng sa ka;

16 mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.

17 Dintja tse ngata di ntikile, sehlopha sa dinokwane se ntikanetse, tsena di ntlepotse maoto le matsoho.

18 Nka bala masapo a ka kaofela. Batho ba ntjhebile, ba mmakaletse;

19 ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola aparo sa ka ka lotho.

20 Empa wena Morena, o se be hole le nna; wena, matla a ka, potlakela ho nthusa.

21 Pholosa bophelo ba ka saboleng; ke bona feela, bo pholose marong a ntja.

22 Mpholose ditleneng tsa tau; nna ya fokolang mpholose nakeng tsa dinare.

23 Ke tla tumisa lebitso la hao hara bana beso, ke o rorise hara phutheho, ke re:

24 “Lona ba hlomphang Morena, mo roriseng; lona ditloholo tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng; lona ditloholo tsohle tsa Israele, mo tshabeng.

25 “Ha a a ka a nyedisa ya hlophehileng, leha e le ho se tsotelle bohlophehi ba hae; ha a a ka a mo patela fahleho sa hae, empa o ile a utlwa ha a mo llela.”

26 Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo, kapele ho ba o hlomphang, ke phethe dikano tsa ka.

27 Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla.

28 Lefatshe ka bophara ba lona le hopole Morena, le ke le kgutlele ho yena; merabe yohle ya lefatshe e itihele, e ke e itihele maotong a hae;

29 hobane puso ke ya Morena, mme o rena hodima ditjhaba.

30 Bohle ba nang le matla lefatsheng ba tla itihela maotong a hae; bohle ba fellang leroleng ba tla mo kgumamela. Nna ke tla phelela yena;

31 ditloholo tsa ka di tla mo sebeletsa. Meloko e tlang e tla tsebiswa Morena,

32 setjhaba se esong ho tswalwe se tla senolelwa ho loka ha hae: Ona ke mosebetsi wa Morena.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan