Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 21 - BIBELE


Thapelo e lebohelang kgosi

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Kgosi e thabela matla a hao Morena, e nyakallela thuso ya hao hakaakang!

3 O e neile se ratwang ke pelo ya yona, ha o a ka wa e hanela kopo e tswang molomong wa yona.

4 O kgahlanyeditse kgosi ka mahlohonolo, wa e rwesa mofapahlooho wa kgauta e hlwekisitsweng.

5 E kopile bophelo ho wena, mme o e file bona, wa e ekeletsa ditshiu, kamehla le mehla.

6 Tlotla ya yona e kgolo ka thuso ya hao, o e apesitse kganya le hlompho.

7 O e neile mahlohonolo ho isa kgale, wa e thabisa haholo ka boteng ba hao.

8 Kgosi e tshepile Morena, ka baka la mohau wa Ya Hodimodimo, e ke ke ya sisinngwa.

9 Letsoho la hao, kgosi, le tla fihlela dira tsohle tsa hao, letsoho la hao le letona le tla fihlela bohle, bohle ba o hloileng;

10 hang ha o hlaha, o tla ba fedisa; o ba fedise eka ba ka seboping sa mollo. Morena o tla ba metsa ha a halefile, mollo o ba tjhese.

11 O tla hlakola bana ba bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho.

12 Ha ba rera ho o etsetsa bobe, ha ba loha mano, ba ke ke ba atleha;

13 o tla etsa hore ba o supe ka direthe, o hule seqha sa hao ho ba fula.

14 Thusa, Morena, ka matla a hao! Re tla bina, re roke bonatla ba hao.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan