Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 20 - BIBELE


Morena, ako nee kgosi tlholo

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Morena a ke a o arabe tsatsing la matshwenyeho, lebitso la Modimo wa Jakobo le o sireletse.

3 A ke a o thuse a le Sehalalelong, a o tshehetse a le Sione.

4 A ke a hopole dinyehelo tsohle tsa hao, a thabele ditjheso tsa hao.

5 A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethahatse merero yohle ya hao.

6 Re ke re etsetse tlholo ya hao ditlatse, re phahamise mekgele ka lebitso la Modimo, bitso la Modimo wa rona. Morena a ke a phethahatse dikopo tsohle tsa hao.

7 Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.

8 Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa, ba bang ba tshepile dipere, empa rona re tshepile lebitso la Morena, lebitso la Morena Modimo wa rona.

9 Bona ba tla kgothometseha, ba we, empa rona re tla ema re tiile.

10 Morena, ako nee kgosi tlholo; re arabele ha re ipiletsa ho wena.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan