Dipesaleme 19 - BIBELEModimo, Mmopi, le mofani wa Molao 1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. 2 Mahodimo a phatlalatsa tlotla ya Morena, sebaka sa lehodimo se a bolela, se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae; 3 letsatsi ka leng le phetela le leng, bosiu ka bong bo tsebisa bo bong, 4 ho se puo, ho se polelo, ho se mantswe a utlwahalang. 5 Empa modumo wa tsona o anetse lefatshe lohle, polelo tsa tsona di finyeletse, di finyeletse pheletsong tsa lefatshe. Mahodimong, Modimo o hlometse letsatsi tente, 6 mme lona le ka monyadi a etswa leqatheng, jwaloka mohale, le thabela ho qeta tsela ya lona. 7 le tjhaba ntlheng e nngwe ya mahodimo, le potoloha ho fella ntlheng e nngwe; ha ho letho le ka balehang mofuthu wa lona. 8 Molao wa Morena o phethehile, ke mmusapelo; temoso tsa Morena di a tshepahala, di hlalefisa sethoto. 9 Melao ya Morena e lokile, e hlatswa pelo; taelo ya Morena e hlakile, e edisa mahlo. 10 Ho tshaba Morena ke ntho e molemo, e ke keng ya fetoha ho isa kgale; dikahlolo tsa Morena ke tsa nnete, kaofela ha tsona di lokile. 11 Di kgahleha ho feta kgauta, ho feta le kgauta e hlwekisitsweng haholo; di monate ho feta mahe a dinotshi, mahe a rothang kgekgeng ya tsona. 12 Di ruta mohlanka wa hao, ya di bolokang o fumana moputso o moholo. 13 Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng. 14 Phemisa mohlanka wa hao, o mo phemise boikgantsho, o se ke wa dumella hore bo mpuse. Kahoo ke tla hloka kodi, ke hloke molato wa sebe se seholo. 15 Ako kgahlwe ke mantswe a tswang molomong wa ka, le ke menahano e ka pelong ya ka, wena Morena, lefika la ka, le molopolli wa ka. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa