Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 17 - BIBELE


Thapelo ya ya hloriswang

1 Thapelo ya Davida. Morena, ako utlwe thapedi ya ka, o mamele sello sa ka; o sekehele thapelo ya ka tsebe, hobane e tswa molomong o se nang mano.

2 A nke ke ahlolwe ke wena, mahlo a hao a bone seo e leng toka.

3 O hlahlobile pelo ya ka, wa ntlhwela le bosiu, wa nnonya, empa ha wa fumana letho le kgopo; ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang.

4 Ho ya ka mantswe a tswang molomong wa hao, ke qobile mekgwa ya dinokwane.

5 Mehato ya ka e latetse mehlala ya hao, maoto a ka ha a a ka a kgothometseha.

6 Nna ke ipiletsa ho wena Modimo, hobane o tla nkaraba; ntshekehele tsebe, o mamele lentswe la ka.

7 Ako bonahatse mohau wa hao, mohau o hlollang. Ba balehelang ka tsohong la hao le letona, ke wena ya ba pholosang ho ba ba tsohelang matla.

8 O mpaballe jwaloka thaka ya leihlo la hao; o mpate moriting wa mapheo a hao,

9 hole le ba kgopo ba ntlhekefetsang, hole le dira tse ntikanetseng.

10 Pelo tsa bona ha di na mohau, melomo ya bona e tletse boikakaso.

11 Ba tla ba ntobile, jwale ba nketsetsa sakana-la-nkope, ba ntswepetse mahlo ho nkgatakella fatshe.

12 Ba jwaloka tau e labalabelang ho harola, le jwaloka tawana e bothileng selaong.

13 Thusa, Morena! Ba futuhele, o ba dihe; ka sabole ya hao pholosa bophelo ba ka ho ba kgopo;

14 ka letsoho la hao mpholose Morena, mpholose ho batho bana ba lefatshe, bao moputso wa bona o leng bophelong bona. Ba kgorise sa mpanaphatloha, ba kgorise ka tseo o ba boloketseng tsona; le bana ba bona ba tla di kgotsofalla, ba tle ba di siele le ditloholo tsa bona.

15 Empa nna, ha ke se ke ahloletswe, ke tla bona fahleho sa hao; ha ke tsoha ke tla kgotsofalla boteng ba hao.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan