Dipesaleme 16 - BIBELEHo tshepa Morena 1 Pesalema ya Davida. Ako mpaballe Modimo, hobane ke tshabela ho wena. 2 Ke re ho Morena: “Ke wena Morena wa ka, ha ke na lehlohonolo ntle ho wena.” 3 Ha e le medimo ya bohata e lefatsheng, ba kgahlwang ke yona ba rohakehile. 4 Ba mathang kamora yona ba ipakela mahlomola; nke ke ka e etsetsa nyehelo ya madi, esita le ho bolela mabitso a yona, ho a bolela ka molomo wa ka. 5 Morena, ke wena lefa la ka le mohope wa ka; tseo ke nang le tsona di tswa ho wena. 6 Ke sehetswe kgubung, ruri ke thabela lefa la ka. 7 Ke tla boka Morena, moeletsi wa ka; le bosiu pelo ya ka e a ntemosa. 8 Kamehla ke ntse ke hopotse Morena, hobane o ka tsohong la ka le letona, nke ke ka sisinngwa. 9 Kahoo pelo ya ka e thabile, moya wa ka o nyakaletse, le wona mmele wa ka o tla phomola, o tla phomola o phutholohile; 10 o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesela motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng. 11 O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa