Dipesaleme 150 - BIBELERorisang Morena 1 Haleluja! Rorisang Morena a le sehalalelong sa hae, mo roriseng a le sebakeng sa hae se matla, baka sa hae sa lehodimo. 2 Mo roriseng ka baka la diketso tsa bonatla ba hae, mo roriseng ka baka la boholo ba hae, boholo ba hae bo fetisisang. 3 Mo roriseng ka modumo wa lenaka, mo roriseng ka thomo le ka harepa. 4 Mo roriseng ka moropa le ka mohobelo, mo roriseng ka seletsa se dikgwele, le ka makodilo; 5 mo roriseng ka mangenengene a ketemanang, mo roriseng ka mangenengene a llang haholo. 6 Tsohle tse phelang di ke di rorise Morena. Haleluja! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa