Dipesaleme 148 - BIBELETsohle di rorise Morena 1 Haleluja! Rorisang Morena, lona ba mahodimong, mo roriseng, lona ba hodimodimo. 2 Mo roriseng, lona mangeloi a hae kaofela, mo roriseng, lona mabotho a hae wohle. 3 Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi, mo roriseng, lona dinaledi tsohle tse phatsimang. 4 Mo roriseng, lona mahodimo a hodimodimo, le lona metsi a kahodimo ho mahodimo. 5 Tsohle di ke di rorise lebitso la Morena, hobane o ile a laela, mme tsa hloleha. 6 O entse hore di be teng kamehla le mehla, a di beela taelo eo di ke keng tsa e tlola. 7 Rorisang Morena, lona ba lefatsheng, lona dikganyapa tsa mawatle le tsa madiba wohle; 8 lona mollo le sefako, lehlwa le mohodi, moya wa sefefo o phethang taelo ya hae; 9 lona dithaba le maralla wohle, difate tsa ditholwana le tsa dikedare tsohle; 10 lona diphoofolo tsa naha le tsa hae tsohle, dihahabi le dinonyana tse fofang; 11 lona dikgosi tsa lefatshe le lona merabe yohle, mahosana le baahlodi bohle ba lefatshe; 12 lona bahlankana le lona barwetsana, maqheku le lona ba batjha. 13 Tsohle di rorise lebitso la Morena; ke lona feela le lokelang ho tlotliswa, botlotlehi ba hae bo phahame, bo phahametse lefatshe, bo phahametse le mahodimo. 14 O tsositse setjhaba sa hae molota, ke seo batshepuwa ba hae ba ithorisang ka sona, bana ba Iseraele, setjhaba se leng haufi le yena. Haleluja! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa