Dipesaleme 147 - BIBELEModimo o baballa setjhaba sa hae 1 Haleluja! Ke hantle ho boka Morena, ho monate ho roka Modimo wa rona, o lokelwa ke thoriso. 2 Morena o tsosa marako a Jerusalema, o phutha Baiseraele ba neng ba lelekilwe. 3 O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona. 4 O tseba palo ya dinaledi, kaofela ha tsona o di bitsa ka mabitso. 5 Morena wa rona o moholo, o matla haholo, kelello ya hae e ke ke ya lekanngwa. 6 Morena o phahamisa ba eisehang, ba kgopo o ba dihela fatshe. 7 Binelang Morena sefela sa teboho, le roke Modimo wa rona ka harepa. 8 Ke yena ya kwahelang mahodimo, ya a kwahelang ka maru, ya nesetsang lefatshe pula, ya medisang jwang dithabeng. 9 O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang. 10 Morena ha a thabele matla a dipere, ha a kgahlwe ke lebelo la motho; 11 o kgahlwa ke ba mo tshabang, le ba tshepileng mohau wa hae. 12 Tlotlisa Morena, wena Jerusalema, wena Sione, rorisa Modimo wa hao. 13 O tiisitse mekwallo, mekwallo ya dikgoro tsa hao, a hlohonolofatsa bana ba hao ba phelang ho wena. 14 O entse hore kgotso e be teng meeding ya hao, a o kgorisa ka koro e atlehileng. 15 Ke yena ya ntshang taelo ya hae e yang lefatsheng, molaetsa wa hae o a potlaka. 16 O kgethehisa lehlwa le kang boya, o etsa hore serame se lale, se ke molora. 17 O hasanya sefako sa hae se kang makumane; ke mang ya ka phelang hara mohatsela wa hae? 18 Hang ha a ntsha taelo, di se di qhibidiha. O fokisa moya, metsi a boele a phalle. 19 O tsebisa ba leloko la Jakobo, o ba tsebisa lentswe la hae, le thato le kahlolo tsa hae ho Iseraele. 20 Ha ho setjhaba seo a kileng a se etsetsa jwalo, ha ho setjhaba seo a kileng a se tsebisa kahlolo tsa hae. Haleluja! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa