Dipesaleme 145 - BIBELEBoholo ba Modimo le molemo wa hae 1 Pesalema ya Davida. Thoko. Ke tla o tumisa, wena Modimo wa ka o leng Kgosi ya ka, ke boke lebitso la hao kamehla le mehla. 2 Ke tla o boka ka letsatsi le leng le le leng, ke rorise lebitso la hao kamehla le mehla. 3 Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, boholo ba hae ha bo fihlelwe. 4 Moloko ho isa molokong o mong o tlotlisa mesebetsi ya hao, o bonahatsa ketso tsa bonatla ba hao. 5 Batho ba tla bolela kganya ya tlotla ya hao, nna ke nahane dimakatso tsa hao. 6 Ba tla bolela matla a ketso tsa hao tse tshabehang, nna ke phete tsa boholo ba hao. 7 Ba tla etsa kgopotso ya molemo wa hao o moholo, ba etsetse ho loka ha hao ditlatse. 8 Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko, o dieha ho halefa, o tletse mohau. 9 Morena o molemo ho bohle, lerato la hae le aparela mesebetsi yohle ya hae. 10 Morena, mesebetsi yohle ya hao e a o leboha, le batshepuwa ba hao ba a o boka; 11 ba bolela tlotla ya mmuso wa hao, ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao. 12 Ba tsebisa batho bohle diketso tsa bonatla ba hao, le tlotla e kganyang ya mmuso wa hao. 13 Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, le puso ya hao ke ya meloko yohle. Morena o tshepahala dipolelong tsohle tsa hae, o mohau mesebetsing yohle ya hae. 14 Morena o tshehetsa bohle ba wang, o phahamisa bohle ba kgokgopaneng. 15 Mahlo a bohle a lebeletse wena, hore o ba fepe ka nako e lokelang. 16 Ha o fuparolla seatla, o kgorisa tsohle tse phelang ka tseo di di lakatsang. 17 Morena o lokile ho tsohle tseo a di etsang, mesebetsing yohle ya hae o mohau. 18 Morena o haufi le bohle ba mo rapelang, ba mo rapelang kannete. 19 O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa. 20 Morena o baballa bohle ba mo ratang, empa bohle ba kgopo o a ba timetsa. 21 Molomo wa ka o ke o rorise Morena; batho bohle ba boke lebitso la hae le halalelang, ba le boke kamehla le mehla. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa