Dipesaleme 141 - BIBELEThapelo ya mantsiboya 1 Pesalema ya Davida. Morena, ke ipiletsa ho wena, ako mpotlakele; sekehela lentswe la ka tsebe, ha ke ipiletsa ho wena. 2 Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya. 3 Morena, ako bee molebedi, o mmee molomong wa ka, o dise monyako wa molomo wa ka; 4 pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona. 5 Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya. 6 Mohla baahlodi ba bona ba dihelwang dilomong, ke hona batho ba tla tseba hore mantswe a ka e ne e le a nnete. 7 Jwalokaha ho kgathwa, ho tabolwa thite, masapo a bona a tla qhalanngwa jwalo, a qhalanngwe kgorong ya Nqalo ya Bafu. 8 Morena, monga ka, mahlo a ka a tadimile ho wena, ke tshabela ho wena, se ntlohelle hore ke timele. 9 Nqobise sefi seo ba ntjhehileng ka sona, le mamena a ba etsang tse sa lokang. 10 Bohle ba kgopo ba ke ba wele marabeng a bona, ha nna ke phonyoha. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa