Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 140 - BIBELE


Ho rapella ho sireletswa ho ba kgopo

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Morena ako nnamolele ho batho ba kgopo, o ntshireletse ho batho ba sehloho.

3 Ba loha mano ka dipelong tsa bona, ba qholotsa ntwa kamehla.

4 Ba leotsa maleme a bona a be jwaloka a dinoha, mahloko a marabe a tswa melomong ya bona.

5 Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe.

6 Baikgohomosi ba ntjhehetse sefi, ba nketseditse leraba ka dikgwele, ba ntjheketse mamena pela tsela.

7 Ke itse ho Morena: “Ke wena Modimo wa ka.” Oho, Morena, sekeha tsebe, o sekehele sello sa thapedi ya ka tsebe.

8 Morena, monga ka, mopholosi wa ka ya matla, o sireletsa hlooho ya ka, o e sireletsa ka nako ya ntwa.

9 Morena, se dumelle ditakatso tsa ya kgopo, se dumelle hore di phethahale, le hore merero ya hae e atlehe.

10 Ba ntikanetseng ba se tsohe molota, ditshokelo tsa bona di ke di ba wele hodimo.

11 Morena a ba nesetse mashala a tukang, a ba dihele mohohlong oo ba ke keng ba tswa ho wona.

12 Moetseletsi a se hlole a eba teng, e eba teng lefatsheng lena, motho ya sehloho a futuhelwe ke bokgopo, bo mo timetsang.

13 Ke a tseba hore Morena o tla emela a emele nyewe ya mohlophehi, a ahlolele le mofutsana.

14 Ruri ba lokileng ba tla boka lebitso la hao, ba pelo di ntle ba tla phela pontsheng ya hao.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan