Dipesaleme 139 - BIBELEModimo o tseba tsohle 1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba. 2 O tseba ha ke dula le ha ke ema, o hlalohanya mehopolo ya ka, o e hlalohanya ke sa le hole. 3 O ntisa ha ke tsamaya le ha ke robetse, o tsebisisa metsamao ya ka yohle. 4 Lentswe le eso be teng lemeng la ka, o se o le tseba hantle, Morena. 5 O ntlhahile kamahohle, o beile letsoho la hao hodima ka. 6 Tsebo ena e makatsang e a mpheta; e tebile hoo nke keng ka e fihlela. 7 Nka ya kae ho ipatela moya wa hao? Nka balehela kae ho ipatela sefahleho sa hao? 8 Ha nka nyolohela mahodimong, o teng moo; leha nka theohela Nqalong ya Bafu, le teng o teng. 9 Leha nka adima mapheo a mafube, ka ya aha dipheletsong tsa lewatle, 10 le hona moo letsoho la hao le tla ntsamaisa, letsoho la hao le letona le tla ntshwara. 11 Leha nka re: “Ruri lefifi le tla mpata, lesedi le nteetseng hare le tla fetoha bosiu,” 12 empa ho wena lefifi hase lefifi, bosiu bo kganya jwaloka letsatsi, lefifi le jwaloka lesedi. 13 Ke wena ya bopileng bokahare ba ka, ya kopantseng ditho tsa ka ke sa le popelong ya mme. 14 Ke a o boka, hobane o mpopile ka mokgwa o makatsang; mesebetsi ya hao e a hlolla, hona ke ho tseba hantle. 15 Masapo a ka a ne a sa pateha ho wena, ha ke ne ke bopjwa sephiring, ke kopanngwa ditho ke le botebong ba lefatshe. 16 Mahlo a hao a mpone ke eso tswalwe; tsohle tsa ka di ne di se di ngotswe bukeng ya hao, le pele ke eba teng. 17 Modimo, mehopolo ya hao e thata hakaakang! Palo ya yona e kgolo hakaakang! 18 Ha nka e bala, e mengata ho feta lehlabathe; ha nka e qeta, o ntse o ena le nna. 19 Oho, Modimo, hoja wa timetsa ba kgopo, hoja ba tshollang madi ba suthela hole le nna! 20 Ke ba buang hampe ka wena, ba o lwantshetsang lefeela. 21 Na nke ke ka hloya ba o hloileng, Morena, ka halefela ba o tsohelang matla? 22 Ke ba hloile ka lehloyo le phethehileng, le nna ke dira tsa ka. 23 Ntlhahlobe, Modimo, o tsebe pelo ya ka; o nnonye maikutlo, o tsebe mehopolo ya ka; 24 o bone hore na ke tseleng e mpe, o ntsamaise tseleng ya kamehla yohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa