Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 138 - BIBELE


Teboho ho Modimo ya tshepahalang

1 Pesalema ya Davida. Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke o roka pontsheng ya mangeloi.

2 Ke kgumama ke shebile Tempeleng, Tempeleng ya hao e halalelang, ke boka lebitso la hao ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao; o tumisitse lebitso la hao le tshepiso ya hao ho feta tsohle.

3 Ha ke ne ke ipiletsa ho wena o ile wa nkaraba, wa matlafatsa moya wa ka.

4 Morena, dikgosi tsohle tsa lefatshe di tla o boka, ha di utlwa mantswe a tswang molomong wa hao.

5 Di tla rorisa ditsela tsa Morena, di re: “Tlotla ya Morena e kgolo.”

6 Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.

7 Leha nka phela hara ditsietsi, wena o baballa bophelo ba ka; letsoho la hao le ntshireletsa bohaleng, bohaleng ba dira tsa ka, letsoho la hao le letona le a mpholosa.

8 Morena o tla phetha seo a ntheretseng sona. Morena, mohau wa hao ke wa kamehla yohle; o se lahle mosebetsi wa diatla tsa hao.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan