Dipesaleme 136 - BIBELEBokang Morena, hobane o molemo 1 Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 2 Bokang Modimo wa medimo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 3 Bokang Morena wa marena; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 4 Ke yena a inotshi ya entseng dimakatso tse kgolo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 5 Ke yena ya entseng mahodimo, a a etsa ka bohlale; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 6 O adile lefatshe hodima metsi; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 7 O entse masedi a maholo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; 8 letsatsi ho busa motsheare; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; 9 kgwedi le dinaledi ho busa bosiu; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 10 Ke yena ya ileng a bolaya, a bolaya matsibolo a Egepeta; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 11 A ntsha Iseraele naheng ya Egepeta; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; 12 ka letsoho le matla le sephaka se otlolohileng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 13 O ile a phatlola Lewatle la Sufe koto tse pedi; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 14 A tshedisa Iseraele hara lona; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 15 A dihela Faro le mabotho a hae, a a dihela Lewatleng la Sufe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 16 Ke yena ya ileng a tsamaisa setjhaba, a tsamaisa tjhaba sa hae lehwatateng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 17 O ile a timetsa dikgosi tse kgolo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 18 A bolaya dikgosi tse matla; mohau wa hae ke wa kamehla yohle: 19 Sihone, kgosi ya Baamore; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; 20 le Oge, kgosi ya Bashane; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 21 A fana ka naha ya bona hore e be lefa; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; 22 e be lefa la Iseraele, mohlanka wa hae; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 23 Ke yena ya ileng a re hopola ha re ne re kokobeditswe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 24 A re phamola ho dira tsa rona; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 25 Ke yena ya fepang dibopuwa tsohle; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 26 Bokang Modimo wa mahodimo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa