Dipesaleme 135 - BIBELEMorena wa rona o moholo ho medimo yohle 1 Haleluja! Rorisang lebitso la Morena, mo roriseng, lona bahlanka ba Morena, 2 ba emang ka Tlung ya Morena, mabaleng a Ntlo ya Modimo, Ntlo ya Modimo wa rona. 3 Rorisang Morena, hobane Morena o molemo; rokang lebitso la hae, hobane o a rateha. 4 Morena o ikgethetse, a ikgethela leloko la Jakobo, e leng Iseraele, hore e be leruo la hae. 5 Ruri ke a tseba hore Morena o moholo, Morena wa rona o moholo, o moholo ho medimo yohle. 6 Morena o etsa tsohle tseo a di ratang, mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng wohle. 7 Ke yena ya nyollang maru, a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang pula ka mahadima, ya bulelang difefo moo a di kwaletseng teng. 8 Ke yena ya ileng a bolaya, a bolaya matsibolo a Egepeta, ho qala ka a batho ho isa ho a diphoofolo. 9 Ho wena Egepeta, o ile a romela dipontsho le dimakatso, ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae. 10 Ke yena ya ileng a timetsa, a timetsa ditjhaba tse ngata, a bolaya dikgosi tse matla: 11 Sihone, kgosi ya Baamore, le Oge, kgosi ya Bashane, le mebuso yohle ya Kanana. 12 A fana ka naha ya bona hore e be lefa, lefa la Iseraele setjhaba sa hae. 13 Morena, lebitso la hao ke la kamehla yohle; Morena, o tla hopolwa, o hopolwe ke meloko yohle. 14 Morena o tla ahlola, a ahlolele setjhaba sa hae, mme a qenehele bahlanka ba hae. 15 Medimo ya bohata ya baditjhaba ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho. 16 E na le melomo, empa ha e bue; e na le mahlo, empa ha e bone. 17 E na le ditsebe, empa ha e utlwe; le ho phefumoloha, ha e phefumolohe. 18 Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang. 19 Lona, ba ntlo ya Iseraele, bokang Morena; lona ba ntlo ya Arone, bokang Morena; 20 lona ba ntlo ya Levi, bokang Morena; le lona ba tshabang Morena, bokang Morena. 21 Morena a ke a bokwe ke ba Sione, yena ya ahileng Jerusalema. Haleluja! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa