Dipesaleme 132 - BIBELEThoko ya Ntlo ya Modimo le tshepiso ya Morena ho Davida 1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, ako hopole Davida, le ho hlopheha hohle ha hae, 2 kamoo a neng a hlapanye, a hlapanyetsa Morena kateng, a ikana ho Ya Matla, Modimo wa Jakobo, 3 a re: “Nke ke ka kena ka tlung ya ka, kapa ka paqama diphateng tsa ka; 4 mahlo a ka a ke ke a fumana boroko, le dintshi tsa ka di ke ke tsa tutubala, 5 ho fihlela ke fumanela Morena sebaka, ke fumanela Ya Matla Leaho, Ya Matla, Modimo wa Jakobo.” 6 Areka re e utlwetse Eferata, ra e fumana masimong a Jaare. 7 A re keneng ka Leahong la hae, re itihele kapele ho yena. 8 Tloo, Morena, o ye sebakeng sa hao sa phomolo, wena le areka e bontshang matla a hao. 9 Baprista ba hao ba apeswe ho loka, batshepuwa ba hao ba etse ditlatse. 10 Ka baka la mohlanka wa hao Davida, o se ke wa furalla Motlotsuwa wa hao. 11 Morena o ile a hlapanyetsa Davida, a ke ke a kwenehela tshepiso, tshepiso ena ya nnete, a re: “E mong wa bana ba theka la hao, ke tla mmea teroneng ya hao. 12 Ha bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka, ba latela ditemoso tseo ke ba neileng tsona, le bara ba bona ba tla dula teroneng, teroneng ya hao kamehla.” 13 Morena o ikgethetse Sione, o ratile hore e be leaho la hae; 14 a re: “Sena ke sebaka sa ka sa phomolo sa kamehla, ke tla aha mona hobane ke ratile jwalo. 15 Ke tla hlohonolofatsa Sione ka nala, mafutsana a yona ke a fepe, ke a fepe, a kgore. 16 Baprista ba yona ke tla ba apesa pholoho, batshepuwa ba yona ba etse ditlatse. 17 “Teng ke tla bea setloholo sa Davida, ke se bee hore e be kgosi e matla, ke lokisetse Motlotsuwa wa ka lebone. 18 Dira tsa hae ke tla di apesa dihlong; athe yena hloohong ya hae ho tla kganya mofapahlooho wa hae.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa