Dipesaleme 129 - BIBELEThapelo e kopang ho hlola dira tsa Iseraele 1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, Iseraele a ke a rialo, 2 haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, empa ha ba a ka ba ntlhola. 3 Balemi ba lemile mokokotlong wa ka, ba entse diforo tse telele. 4 Empa Morena o lokile, o kgaotse dikgwele tsa ba kgopo. 5 Bohle ba hloileng Sione ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tjhetjhiswe kasanthao. 6 Ba be jwaloka jwang bo marulelong a matlo, bo ponang pele bo ka fotholwa, 7 boo ho seng ya bo helang, ya ka tlatsang seatla sa hae ka bona, kapa ya tlamang mangata a a nka ka matsoho a hae. 8 Ba fetang ka tsela ba ke ke ba re ho bona: “Tlhohonolofatso ya Morena e ke e be le lona, re le hlohonolofatsa ka lebitso la Morena.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa