Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 127 - BIBELE


Modimo ke mohlodi wa katleho

1 Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela.

2 Ke lefeela ha le tsoha kameso, kapa le dieha ho robala, le itjella bohobe boo le bo fumanang ka thata, athe yena o fa baratuwa ba hae ba ntse ba ithobaletse.

3 Ruri bana ke lefa le tswang ho Morena, tholwana ya popelo ke moputso.

4 Jwaloka metsu e letsohong la mohale, bana ba botjha ba motho, le bona ba jwalo.

5 Ho lehlohonolo monna ya tlatsitseng kgohlopo ya hae, a e tlatsa ka yona. A ke ke a hlajwa ke dihlong, ha a ngangisana le dira tsa hae, a ngangisana le tsona kgorong ya motse.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan