Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 125 - BIBELE


Morena, mosireletsi wa tjhaba sa hae

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ba tshepileng Morena ba jwaloka thaba ya Sione, e ke keng ya sisinngwa, e tiileng kamehla.

2 Jwalokaha dithaba di teetse Jerusalema hare, le setjhaba sa hae, Morena o se teetse hare jwalo, ho tloha jwale le kamehla yohle.

3 Efela lere la ba kgopo le ke ke la busa lefatshe le abetsweng ba lokileng, esere ba lokileng ba kenya matsoho a bona bokgopong.

4 Morena, ako etse tse molemo, o di etsetse ba lokileng, le ba pelo di ntle.

5 Empa ba kgelohetseng ditseleng, ditseleng tse matswedintsweke, Morena a ke a ba leleke, a ba leleke le ba kgopo. Kgotso e ke e be teng Iseraele.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan