Dipesaleme 124 - BIBELEHo leboha thuso ya Morena 1 Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Hoja Morena a se ke a ba le rona, Iseraele a ke a rialo, 2 hoja Morena a se ke a ba le rona, ha batho ba ne ba re tsohela matla, 3 ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse; 4 dikgohola di ka be di re hohotse, diphororo di ka be di re pupeditse; 5 metsi a befileng a ka be a re pupeditse. 6 Ho bokwe Morena ya sa kang a lesa hore ba re je. 7 Re phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la batshwasi; leraba la kgaoha, mme ra phonyoha. 8 Thuso ya rona e tswa ho Morena, ya entseng mahodimo le lefatshe. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa