Dipesaleme 123 - BIBELEThapelo ya ya songwang 1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima ho wena, wena ya dutseng teroneng, lehodimong; 2 a jwaloka mahlo a bahlanka, a tadimileng letsoho la monga bona. Jwalokaha mahlo a lekgabunyane a tadimile letsoho la mofumahadi wa lona, le mahlo a rona a tadima Morena Modimo wa rona jwalo, ho fihlela a ka re hauhela. 3 Re hauhele Morena, re hauhele, hobane re nyedisitswe, ra nyediswa ho feta tekanyo. 4 Re sonngwe ho feta tekanyo, ra songwa ke ba iketlang, re nyedisitswe ke ba ikgantshang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa