Dipesaleme 120 - BIBELEThapelo e kopang ho sireletswa ho ba bolotsana 1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba. 2 Morena, ako nnamolele molomong wa ya leshano, le lelemeng la ya thetsang. 3 Wena ya leleme le thetsang, o tla newa eng, o ekeletswe eng? 4 O tla newa metsu ya mohale, metsu e ntjhotjho, e tswang mashaleng a hlenneng, mashala a sehalahala. 5 Ho madimabe nna ka ho jaka Mesheke, ka ho aha hara ditente tsa Kedare. 6 Ke nako e telele haholo ke ahile hara ba hloileng kgotso. 7 Nna ke motho wa kgotso, empa ha ke bua ka kgotso, bona ba batla ntwa. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa